1. “ <Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona.
2. A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.
3. Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.>
4. “O be o ba bolelle, o re:“ <Morena o bua tjena:“ <Ha motho a wela fatshe,na ha a ke a tsoha hape?Ha motho a kgeloha tsela,na ha a ke a kgutlela ho yona?
5. Ke ka baka langha tjhaba see se kgelohile?Keng ha baahi ba Jerusalemaba kgeloha kamehla?Ba kgomaretse leshano,ba hana ho kgutlamekgweng ya bona.
6. Ke ba utlwile,ka ba sekehela tsebe,empa ha ba bue lethole nepahetseng.Ha ho mothoya bakelang bokgopo ba hae,ya reng: “Ke entse eng?”Motho ka mongo inketse tsela ya hae,jwaloka pere e itukubetsang ntweng.
7. Le mokotatsie o fofang hodimo,o tseba nako tsa wona tsa ho falla;leeba le lehaqasi le moholodi,le tsona di tseba nako ya ho oroha,empa molao wa Morenatjhaba sa ka ha se o tsebe.
8. “ <Le ka bua jwang, la re:“Re hlalefile,hoba Molao wa Morenare a o tseba?”Bonang, Ditsebi tsa Molaodi o sokamisitse,pene tsa tsonadi o fetotse leshano.
9. Bahlalefi, dihlong di ba hlabile,ba tsielehile,ba feletswe ke meelelo.Lentswe la Morena ba le lahlile;ebe jwale ba na le bohlale bofe?
10. Kahoo basadi ba bonake tla ba nea banna basele,masimo a bonake a nee ba ba hlotseng;ho tloha ho e monyenyaneho isa ho e moholo,bohle ba labalabela qhoqha,baporofeta le bapristaka ho tshwana,kaofela ha bonaba phela ka bolotsana.