32. Ka baka leo bonang, ho rialo Morena, matsatsi a a tla, ao mohla a fihlang, Tofete e ke keng ya hlola e sa bitswa Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa e tla bitswa Kgohlo ya Polaelo, hobane ho tla epelwa bafu ho yona ho fihlela sebaka seo se tlala.
33. Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.
34. Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.