Jeremia 7:27-34 BIBELE (SSO89SO)

27. “Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela.

28. Empa wena o tlo re ho bona: <Setjhaba sena ke se sa hlompheng lentswe la Morena Modimo wa sona, se sa utlweng ha se kgalemelwa, nnete e fedile, mme ha e sa le eo melomong ya sona.

29. “ <Wena Jerusalema,beola moriri wa hao, o o lahle,bina kodi-ya-malla hodima maralla,hobane Morena,ka baka la kgalefo ya hae,o lahlile, a furallamoloko o mo halefisitseng.

30. “ <Bana ba Juda ba entse bokgopo mahlong a ka, ho rialo Morena. Ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka ba kentse manyala a bona, hore ba e silafatse.

31. Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane.

32. Ka baka leo bonang, ho rialo Morena, matsatsi a a tla, ao mohla a fihlang, Tofete e ke keng ya hlola e sa bitswa Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa e tla bitswa Kgohlo ya Polaelo, hobane ho tla epelwa bafu ho yona ho fihlela sebaka seo se tlala.

33. Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka.

34. Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.

Jeremia 7