12. “ <Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.
13. Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela.
14. Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona.
15. Ke tla le leleka pela mahlo a ka, jwalokaha ke ile ka leleka bana babo lona, e leng ditloholo tsohle tsa Efraime.> ”
16. “Ka baka leo, wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena; o se ke wa ipiletsa ho nna ka lebitso la sona, kapa wa se rapella. O se ke wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho o mamela.