Jeremia 7:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re:

2. “Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: <Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.

3. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena.

4. Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!”

5. “ <Haeba le ka lokisa metsamao ya lona le diketso tsa lona hantle; haeba le ka sebeletsana ka toka;

6. haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona;

7. ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.

8. “ <Bonang mona, le tshepa dipolelo tsa leshano, tse ke keng tsa le tswela molemo.

9. Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;

10. ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?

11. Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena.

Jeremia 7