7. Jwalokaha sediba se kopotsa metsi,le motse onao kopotsa bokgopo ho wona;mahahapa le timelodi utlwahala hara wona,kamehla ke bona bohloko ba wonale maqeba a wona.
8. Itlhokomele ke hona,wena Jerusalema,esere lerato leoke o ratang ka lona la mphella,ka o fetola nanaola,naha e hlokang baahi.”
9. Morena wa mabotho o bua tjena:“Tjhaba sa Iseraelese tla fediswa ho hang,se tshwane le tshimo ya morarae kgwahlapisitswe.
10. “Nka buisana le mangka mo eletsa?Ke mang ya tla ke a mmamele?Tsebe tsa bona ke tsa leshoma,kahoo ha ba ka ke ba utlwa.Ntswe la Morena ba a le nyedisa,thabo ha ba e fumane ho lona.
11. Le nna ke bipeditsweke kgalefo ya Morena,ke se ke kgathetseke ho e thibela.“E hlatsetse hodima bana,bana bana ba diterateng,hodima bahlankana,bahlankana bana ba kgobokaneng;monna le mosadiba tla thoptjwa bobedi,ho thopuwe raputswele ya seng a kgokgoba.
12. Matlo a bona a tla abelwa basele,ho ajwe masimo,le basadi ba bona ka ho tshwana,ha ke otlollela tsoho la kaho baahi ba naha ena,”ho rialo Morena.
13. “Ho tloha ho e monyenyaneho isa ho e moholo,bohle ba labalabelaho fumana qhoqha;baporofeta le bapristaka ho tshwana,kaofela ha bonaba phela ka bolotsana.
14. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a okajwalokaha eka ba oka mengwapo.<Kgotso! Kgotso!> ba rialo ho batho,le hoja ba tsebahore kgotso eo ha e yo.