21. Kahoo Morena o bua tjena:“Ke tla hloma dikgopitseleng ya tjhaba sena,di tla kgopa bo-ntatale bara ka ho tshwana,metswalle le ba ahelaneng le yonaba tla timela.”
22. Jwale Morena o bua tjena:“Bonang! Tjhaba se tswangnaheng e ka leboya se a tla;tjhaba se matlase tswa pheletsong tsa lefatshe.
23. Se hlometse ka diqhasa hlomela le ka marumose sehloho, se bile se hloka mohau;mantswe a sonaa hwasa sa lewatle le befile;se palame dipere,se theile theko ya ntwa,se futuhela wena Moradi wa Sione.”
24. Baahi ba Jerusalema ba re:“Botumo ba tjhaba seore se re bo utlwile,matsoho a ronaa lepeletse ke ho fokola;ditlokotsi le tsona di se di re apere,bohloko bo tshwana le ba mosadi,mosadi a kena tlung.
25. Se tsweleng kantlela tsamaya hara naha,le ditselengle se ke la tsamaya teng,hobane serase hlometse ka disabole,tshabo le yona e fumanwa kahohle.”
26. “Lona tjhaba sa ka,aparang tse mahwashe,le be le ipitike hara molora;le lle se bohloko sa mmokotsane,le lle jwalokaha ekale llela mora ya mong,hoba motimetsi o tla futuha,a futuhe ka ho tsometsa.”
27. “Ke o entse mohlahlobiwa tjhaba sena sa ka,hore o tsebe tsela tsa sona,o di hlahlobe.
28. Ke tjhaba sa bakwenehi,tjhaba se manganga,se tsamayangka ho hafotsaka bohata;ke tjhaba se tshwanangle lethose le tshepe,kaofela ha sonake tjhaba sa balotsana.
29. Mofutho o futha haholo,loto e fella hara mollo;mohlwekisi o sebeletsa lelea:Ba kgopo ha ba ke ba tshekeha.
30. Ba tla bitswa silefera e lahlilweng,kahobane Morena o ba lahlile.”