Jeremia 6:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Wena lefatshe mamela!Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa,e leng tholwana ya merero ya sona,hoba ha se a mamela mantswe a ka,le molao wa ka se o lahlile.

20. Mokubetso o tswang Shebao ntlisetsa molemo ofe?Wa ntshwe e tswang naheng tse holewona ke ofe?Nyehelo tsa lona tsa setjhesoha di amohelehe,le mahlabelo a lona ha a nthabise.”

21. Kahoo Morena o bua tjena:“Ke tla hloma dikgopitseleng ya tjhaba sena,di tla kgopa bo-ntatale bara ka ho tshwana,metswalle le ba ahelaneng le yonaba tla timela.”

22. Jwale Morena o bua tjena:“Bonang! Tjhaba se tswangnaheng e ka leboya se a tla;tjhaba se matlase tswa pheletsong tsa lefatshe.

23. Se hlometse ka diqhasa hlomela le ka marumose sehloho, se bile se hloka mohau;mantswe a sonaa hwasa sa lewatle le befile;se palame dipere,se theile theko ya ntwa,se futuhela wena Moradi wa Sione.”

24. Baahi ba Jerusalema ba re:“Botumo ba tjhaba seore se re bo utlwile,matsoho a ronaa lepeletse ke ho fokola;ditlokotsi le tsona di se di re apere,bohloko bo tshwana le ba mosadi,mosadi a kena tlung.

25. Se tsweleng kantlela tsamaya hara naha,le ditselengle se ke la tsamaya teng,hobane serase hlometse ka disabole,tshabo le yona e fumanwa kahohle.”

Jeremia 6