12. Matlo a bona a tla abelwa basele,ho ajwe masimo,le basadi ba bona ka ho tshwana,ha ke otlollela tsoho la kaho baahi ba naha ena,”ho rialo Morena.
13. “Ho tloha ho e monyenyaneho isa ho e moholo,bohle ba labalabelaho fumana qhoqha;baporofeta le bapristaka ho tshwana,kaofela ha bonaba phela ka bolotsana.
14. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a okajwalokaha eka ba oka mengwapo.<Kgotso! Kgotso!> ba rialo ho batho,le hoja ba tsebahore kgotso eo ha e yo.
15. Na ba ke ba be dihlongha ba entse manyala?Le ho ka!Ho hang ho bona dihlong ha di yo!Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe;kahoo ba tla wela hara ba weleng,mohla ke ba otlang ba tla timela,”ho rialo Morena.
16. Morena o bua tjena:“Emang mateanong a ditselale qamake, le botse:<Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?>Tsamayang ka yona,mme le tla fumana phomolo.Empa lona la re:<Ha re ka ke ra e tsamaya!>
17. Yaba ke le kgethela balebedi,ka re: <Mamelang modumowa lenaka ha le lla!>Empa lona la re:<Ha re ka ke ra o mamela!>
18. “Ka baka leo,mamelang lona ditjhaba!Lona kaofela bonangse tla hlahela tjhaba sa ka!
19. Wena lefatshe mamela!Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa,e leng tholwana ya merero ya sona,hoba ha se a mamela mantswe a ka,le molao wa ka se o lahlile.
20. Mokubetso o tswang Shebao ntlisetsa molemo ofe?Wa ntshwe e tswang naheng tse holewona ke ofe?Nyehelo tsa lona tsa setjhesoha di amohelehe,le mahlabelo a lona ha a nthabise.”
21. Kahoo Morena o bua tjena:“Ke tla hloma dikgopitseleng ya tjhaba sena,di tla kgopa bo-ntatale bara ka ho tshwana,metswalle le ba ahelaneng le yonaba tla timela.”
22. Jwale Morena o bua tjena:“Bonang! Tjhaba se tswangnaheng e ka leboya se a tla;tjhaba se matlase tswa pheletsong tsa lefatshe.