Jeremia 6:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. “Nka buisana le mangka mo eletsa?Ke mang ya tla ke a mmamele?Tsebe tsa bona ke tsa leshoma,kahoo ha ba ka ke ba utlwa.Ntswe la Morena ba a le nyedisa,thabo ha ba e fumane ho lona.

11. Le nna ke bipeditsweke kgalefo ya Morena,ke se ke kgathetseke ho e thibela.“E hlatsetse hodima bana,bana bana ba diterateng,hodima bahlankana,bahlankana bana ba kgobokaneng;monna le mosadiba tla thoptjwa bobedi,ho thopuwe raputswele ya seng a kgokgoba.

12. Matlo a bona a tla abelwa basele,ho ajwe masimo,le basadi ba bona ka ho tshwana,ha ke otlollela tsoho la kaho baahi ba naha ena,”ho rialo Morena.

13. “Ho tloha ho e monyenyaneho isa ho e moholo,bohle ba labalabelaho fumana qhoqha;baporofeta le bapristaka ho tshwana,kaofela ha bonaba phela ka bolotsana.

14. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a okajwalokaha eka ba oka mengwapo.<Kgotso! Kgotso!> ba rialo ho batho,le hoja ba tsebahore kgotso eo ha e yo.

15. Na ba ke ba be dihlongha ba entse manyala?Le ho ka!Ho hang ho bona dihlong ha di yo!Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe;kahoo ba tla wela hara ba weleng,mohla ke ba otlang ba tla timela,”ho rialo Morena.

16. Morena o bua tjena:“Emang mateanong a ditselale qamake, le botse:<Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?>Tsamayang ka yona,mme le tla fumana phomolo.Empa lona la re:<Ha re ka ke ra e tsamaya!>

Jeremia 6