9. Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.
10. Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda.
11. Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae.
12. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.
13. Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.
14. Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema.
15. Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.
16. Nebusaradane a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.