7. baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo.
8. Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi Sedekiya, ba mo tshwara ha a le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.
9. Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.
10. Hona moo Ribela, kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaya le balaodi bohle ba Juda.
11. Sedekiya yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, a iswa Babilona, moo a ileng a kenngwa tjhankaneng teng ho fihlela letsatsi la lefu la hae.
12. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.