Jeremia 52:17-31 BIBELE (SSO89SO)

17. Ditshiya tsa lethose, le ditshehetso tsa tsona, le tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, tsena di ne di le ka Tempeleng ya Morena, mme Bakalatiya ba di pshatla, ba nka lethose la tsona, ba le isa Babilona.

18. Dipitsa le dikgarafu, le ditimamabone le dikgaba, le dintho tsohle tse entsweng ka lethose, tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona, ba di nka.

19. Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.

20. Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.

21. Bophahamo ba tshiya e le nngwe e ne e le dimethara tse robedi, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse hlano, morumo wa yona e le dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, mme kahare e le phala.

22. Kahodima yona ho ne ho ena le kotola ya lethose, bophahamo ba yona e ka ba methara le halofo. Moqhaka wa yona, le dikgarenate tse potapotileng kotola, kaofela di ne di entswe ka lethose. Le tshiya ya bobedi e ne e tshwana le ena ya pele ka mokgabiso.

23. Ho ne ho ena le dikgarenate tse mashome a robong a metso e tsheletseng ka lehlakoreng le leng le le leng, mme dikgarenate kaofela tse potapotileng kotola di ne di le lekgolo.

24. Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.

25. Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng.

26. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona.

27. Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate.Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.

28. Ena ke palo ya batho bao Nebukadenesare a ileng a ba thopa: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae ya eba Bajuda ba dikete tse tharo le mashome a mabedi a metso e meraro.

29. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae a thopa batho ba makgolo a robedi le mashome a mararo a metso e mmedi, e le batho ba tswang Jerusalema.

30. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.

31. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mehlano, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng, sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.

Jeremia 52