Jeremia 51:59-64 BIBELE (SSO89SO)

59. Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya.

60. Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona.

61. Jeremia a re ho Seraya: “Ha o fihla Babilona, hlokomela hore mantswe wohle o a bale.

62. Jwale wena o re: <Oho, Morena, o itse o tla timetsa sebaka sena, e le hore ho se be motho ya ka phelang ho sona, kapa phoofolo, se tle se fetohe nanaola ya kamehla yohle.>

63. Ha o qeta ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng, ebe o e betsetsa kahara noka ya Euferatese.

64. Jwale o re: <Ka mokgwa o tjena, Babilona e tla teba, e ke ke ya hlola e bitoha hape, ka baka la koduwa eo ke tla e dihela hodima yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.> ”Mantswe a Jeremia a fella mona.

Jeremia 51