Jeremia 51:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. Baiseraele le Bajudaha ba a furallwa ke Modimo,Modimo wa bona,Morena mabotho,le hoja naha ya bona e tletse melato,melato e sitetswengYa Halalelang wa Iseraele.

6. “Bohle balehangnaheng ya Babilona!Se timetswengka baka la bokgopo ba yona!Nako ena ke ya horeMorena a iphetetse,a putse Babilonaka mokgwa o phethehileng.

7. Babilona e ne le mokgakowa kgauta tsohong la Morena,mokgako o ila tahisalefatshe lohle.Ditjhaba di ile tsa nwa veine,veine ya Babilona,jwale tjhaba tseodi fetohile mahlanya!

8. Babilona e wele hanghangya bjaramana!Llelang Babilona ke hona!E feng setlolosa ho thoba maqeba a yonahaeba le re ho etsa jwaloho tla e phekola.

9. “ <Re ka be re ile ra e phekola,empa Babilonaha e ka ke ya phekoleha;a re e tloheleng ke hona he,motho ka monga kgutlele naheng ya habo,hobane kotlo tsa Babilonake mohlomelo,di fihla mahodimong,di lopalletse hodimoho ya fihla marung!>

10. “ <Morena o re lokolotsemolatong wa rona,tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione,re bolele mesebetsi ya Morena,Modimo wa rona.>

11. “Tjhorisang metsu,le nke dithebe tsa lona,Morena o phepheditsekgosi tsa Bamede di halefile,sepheo sa haeke ho timetsa Babilona.Bona ke bona boiphetetso,boiphetetso ba Morena,ke ho phetetsa le Tempele ya hae.

12. Phahamisang mokgelehodima marako a Babilona!Matlafatsang balebedi ba motse!Beang dibohodi, le bee le balalli,hobane Morena o tla phethamorero wa hae,morero oo a soketsengbaahi ba Babilona ka wona.

Jeremia 51