Jeremia 51:49-56 BIBELE (SSO89SO)

49. “Ka baka la Baiseraelebao e ba bolaileng,Babilona le yona e tla hlolwa,jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle,ba bolailweng ka baka la Babilona,”ho rialo Morena.

50. “Lona ba phonyohileng sabole,tsamayang, le se ke la dikadika!Hopolang Morenale le naheng e hole,le nahane le yona Jerusalema.”

51. “Re dihlong,hoba re utlwile tse re nyatsang,fahleho tsa ronadi aparetswe ke maswabi;hoba baditjhaba ba kenedibakeng tse halalelang,ba kene ka Sehalalelongsa Tempele ya Morena.”

52. “Ka baka leo, bonang,matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla otlamedingwana ya bona,hara naha yohlemahlatsipa a tla dumaela.

53. Leha Babilonae ka nyolohela lehodimong,ya sireletsa marakoa qhobosheane tsa yona,ke tla e romela batupiba e futuhele,”ho rialo Morena.

54. “Dillo tsa mahlomoladi hlaha Babilona,ho utlwahala medumoya koduwa e kgolo,koduwa e tswangnaheng ya Bakalatiya.

55. Morena o timetsa Babilona,o fedisa lerata le leholo motseng;ba e futuhetsengba hwasa sa metsi a lewatle,ho utlwahala mokgosiwa bona wa ntwa.

56. Batupiba etseditse Babilona lelobelo,bahlabani ba yona ba ba thopile,diqha tsa bona tsohle di robehile,hobane Morena ke Modimoya phetetsang,o tla ba lefeletsa ka ho tlala.

Jeremia 51