Jeremia 51:42-46 BIBELE (SSO89SO)

42. Lewatle le phuthumanehetsehodima Babilona,maqhubu a lona a befilenga e kwahetse.

43. Metse ya Babilona e ripitlilwe,naha e fetohile sekaka le lehwatata,naha e se nang baahi le batsamai.

44. Ke tla otla Bele,modingwana wa Babilona,tseo a di metsitsengke mo hlatsise tsona.Tjhaba ha di sa tla hloladi mathela ho yena,marako a Babilona a tla heleha.

45. “Lona tjhaba sa ka,tswang motseng oo,motho ka mong a ke a ipholose,a balehe kgalefo ya Morena,kgalefo e tlokomang.

46. Pelo tsa lonadi se ke tsa nyahama,taba tsa bo-fuufudi se ke tsa le tshosa,taba tsa bofuufutse tletseng hara naha.Jwalokaha dilemo di hlahlamana,tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana;naha e ferekantswe ke moferefere,babusi le bona ba a suthisana.

Jeremia 51