41. “Motse wa Babilona ba o hapile!Motse oo fatshe lohlele neng le itlotla ka wona,o fetohile sesomo hara ditjhaba!
42. Lewatle le phuthumanehetsehodima Babilona,maqhubu a lona a befilenga e kwahetse.
43. Metse ya Babilona e ripitlilwe,naha e fetohile sekaka le lehwatata,naha e se nang baahi le batsamai.
44. Ke tla otla Bele,modingwana wa Babilona,tseo a di metsitsengke mo hlatsise tsona.Tjhaba ha di sa tla hloladi mathela ho yena,marako a Babilona a tla heleha.
45. “Lona tjhaba sa ka,tswang motseng oo,motho ka mong a ke a ipholose,a balehe kgalefo ya Morena,kgalefo e tlokomang.
46. Pelo tsa lonadi se ke tsa nyahama,taba tsa bo-fuufudi se ke tsa le tshosa,taba tsa bofuufutse tletseng hara naha.Jwalokaha dilemo di hlahlamana,tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana;naha e ferekantswe ke moferefere,babusi le bona ba a suthisana.
47. Ka baka leo, nako e tla fihla,nako ya hore ke otlemedingwana ya Babilona;naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa,babolauwa ba yonaba rapalle kahohle ho yona.
48. Lehodimo le lefatshele tsohle tse ho lona,di tla bina,di thabele ho hlolwa ha Babilona,hobane batupi ba tla e futuhela,ba e futuhele ba etswa Leboya,”ho rialo Morena.
49. “Ka baka la Baiseraelebao e ba bolaileng,Babilona le yona e tla hlolwa,jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle,ba bolailweng ka baka la Babilona,”ho rialo Morena.
50. “Lona ba phonyohileng sabole,tsamayang, le se ke la dikadika!Hopolang Morenale le naheng e hole,le nahane le yona Jerusalema.”
51. “Re dihlong,hoba re utlwile tse re nyatsang,fahleho tsa ronadi aparetswe ke maswabi;hoba baditjhaba ba kenedibakeng tse halalelang,ba kene ka Sehalalelongsa Tempele ya Morena.”