Jeremia 51:34-39 BIBELE (SSO89SO)

34. “Nebukadenesare,kgosi ya Babilona, o mmetsitse,tsohle tsa ka o ikgapetse tsona,a ntshiya ke ka nkgo e lephaka.O mmetsitse jwaloka kgodumodumo,a sasamatsa mpa ya haeka dimonate tsa ka,a mpusulosa, a ba a nteleka.

35. Baahi ba Sione ba bue, ba re:<Botubo boo re tubilweng ka bona,ho hlokofatswa ha mmele ya rona,tsena di ke di wele Babilona hodimo!>Baahi ba Jerusalema bona ba re:<Bakalatiya ba ke ba otlwe,ba otlelwe madiao ba a tsholotseng.> ”

36. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Bona, ke tla o buellake be ke o phetetse,mehlodi ya metsi a Babilonake tla e pshesa,didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.

37. Babilona e tla ba qubu ya masupi,e fetohe lehae la diphokojwe;e tla fetoha sesomo, e nyedisehe,e be baka seoho se nang baahi ho sona.

38. “Baahi ba Babilonaba puruma sa ditawana,ba rora sa madinyane a tauhadi.

39. Etlare ba sa halakehetse dijo,ke ba etsetse mokete wa semetletsa,ke ba nwese hore ba be ba tahwe,ba robale, ba roballe ruri,ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,”ho rialo Morena.

Jeremia 51