Jeremia 51:32-36 BIBELE (SSO89SO)

32. Madiboho a dinoka a hapilwe,diqhobosheane di tuka malakabe,bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!”

33. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:“Morwetsana Babilona,o tshwana le seotlo,ka nako eo ho polwang ka yona,nako ya hore a kotulwe e haufi.”

34. “Nebukadenesare,kgosi ya Babilona, o mmetsitse,tsohle tsa ka o ikgapetse tsona,a ntshiya ke ka nkgo e lephaka.O mmetsitse jwaloka kgodumodumo,a sasamatsa mpa ya haeka dimonate tsa ka,a mpusulosa, a ba a nteleka.

35. Baahi ba Sione ba bue, ba re:<Botubo boo re tubilweng ka bona,ho hlokofatswa ha mmele ya rona,tsena di ke di wele Babilona hodimo!>Baahi ba Jerusalema bona ba re:<Bakalatiya ba ke ba otlwe,ba otlelwe madiao ba a tsholotseng.> ”

36. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Bona, ke tla o buellake be ke o phetetse,mehlodi ya metsi a Babilonake tla e pshesa,didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.

Jeremia 51