Jeremia 51:22-38 BIBELE (SSO89SO)

22. Ka wena ke tla qhemetsamonna le mosadi,ka wena ke qhemetsemaqheku le ditjharola,ka wena ke qhemetsebanana le bashanyana.

23. Ka wena ke tla qhemetsamodisa le mohlape wa hae,ka wena ke qhemetsemolemi le dipholo tsa hae,ka wena ke qhemetsebabusi le babusisi.”

24. “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.

25. “Wena thaba e timetsangke a o lwantsha,wena ya timetsang lefatshe lohle,”ho rialo Morena.“Ke tla o nanabela ka letsoho la ka,ke o thete, o wele,ke o dihele ka dilomong,ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.

26. Lejwe la mantlhale ke ke la nkuwa ho wena,kapa lona lejwa la ho etsa motheo,hobane o tla fetoha nanaolakamehla yohle,”ho rialo Morena.

27. “Phahamisang mokgelele hara naha!Letsang lenaka hara ditjhaba!Hlophisang ditjhabadi futuhele Babilona,le meme mebuso ena e e futuhele:Ararate le Mini le Ashekenase.Kgethang molaodi ya tla e futuhela,le romele diperetse kang boiyane ba ditsie.

28. Hlophisang ditjhabadi futuhele Babilona,dikgosi tsa Bamede le di meme,le meme babusile bahlanka ba tsona,le dinaha tsohle tseo ba di busang.

29. Lefatshe le a reketla, le a meneka,Morena o tsitsisitsemorero wa hae wa Babilona,morero wa hore naha ya Babilonaa e falatse,a e falatse ho se beya ka phelang ho yona.

30. Bahlabani ba Babilonaba kgaoditse ho lwana,ba haneletseka diqhobosheaneng tsa bona!Sebete sa bona se se se fedile,ba se ba itshwanela le basadi feela.Diahelo tsa Babilonadi tjhesitswe ka mollo,mekwallo ya dikgoro tsa yonae robilwe.

31. Baromuwa ba rongwaba sa tswa rongwa,maqosa le wona a salana morao,ho isetsa kgosi ya Babilona ditaba:Motse wohle wa yona o so hapilwe!

32. Madiboho a dinoka a hapilwe,diqhobosheane di tuka malakabe,bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!”

33. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:“Morwetsana Babilona,o tshwana le seotlo,ka nako eo ho polwang ka yona,nako ya hore a kotulwe e haufi.”

34. “Nebukadenesare,kgosi ya Babilona, o mmetsitse,tsohle tsa ka o ikgapetse tsona,a ntshiya ke ka nkgo e lephaka.O mmetsitse jwaloka kgodumodumo,a sasamatsa mpa ya haeka dimonate tsa ka,a mpusulosa, a ba a nteleka.

35. Baahi ba Sione ba bue, ba re:<Botubo boo re tubilweng ka bona,ho hlokofatswa ha mmele ya rona,tsena di ke di wele Babilona hodimo!>Baahi ba Jerusalema bona ba re:<Bakalatiya ba ke ba otlwe,ba otlelwe madiao ba a tsholotseng.> ”

36. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Bona, ke tla o buellake be ke o phetetse,mehlodi ya metsi a Babilonake tla e pshesa,didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.

37. Babilona e tla ba qubu ya masupi,e fetohe lehae la diphokojwe;e tla fetoha sesomo, e nyedisehe,e be baka seoho se nang baahi ho sona.

38. “Baahi ba Babilonaba puruma sa ditawana,ba rora sa madinyane a tauhadi.

Jeremia 51