Jeremia 51:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Ke tla romela baditjhabanaheng ya Babilona,ho ya e hlokolaba e siya e le feela:Mohla tsatsi la koduwa ya Babilona,ba tla e futuhelaba e hlahile kahohle.

3. Wa seqha o tla hloka nakoya ho fula ka seqha,a hloke le nakoya ho apara tsa ntwa.Le se qenehele batjha ba Babilona,mabotho wohle a Babilonale a timetse!

4. Baahi ba Babilona ba tla bolawa,topo tsa bona e be mofelahara diterata!

5. Baiseraele le Bajudaha ba a furallwa ke Modimo,Modimo wa bona,Morena mabotho,le hoja naha ya bona e tletse melato,melato e sitetswengYa Halalelang wa Iseraele.

6. “Bohle balehangnaheng ya Babilona!Se timetswengka baka la bokgopo ba yona!Nako ena ke ya horeMorena a iphetetse,a putse Babilonaka mokgwa o phethehileng.

7. Babilona e ne le mokgakowa kgauta tsohong la Morena,mokgako o ila tahisalefatshe lohle.Ditjhaba di ile tsa nwa veine,veine ya Babilona,jwale tjhaba tseodi fetohile mahlanya!

8. Babilona e wele hanghangya bjaramana!Llelang Babilona ke hona!E feng setlolosa ho thoba maqeba a yonahaeba le re ho etsa jwaloho tla e phekola.

9. “ <Re ka be re ile ra e phekola,empa Babilonaha e ka ke ya phekoleha;a re e tloheleng ke hona he,motho ka monga kgutlele naheng ya habo,hobane kotlo tsa Babilonake mohlomelo,di fihla mahodimong,di lopalletse hodimoho ya fihla marung!>

10. “ <Morena o re lokolotsemolatong wa rona,tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione,re bolele mesebetsi ya Morena,Modimo wa rona.>

11. “Tjhorisang metsu,le nke dithebe tsa lona,Morena o phepheditsekgosi tsa Bamede di halefile,sepheo sa haeke ho timetsa Babilona.Bona ke bona boiphetetso,boiphetetso ba Morena,ke ho phetetsa le Tempele ya hae.

12. Phahamisang mokgelehodima marako a Babilona!Matlafatsang balebedi ba motse!Beang dibohodi, le bee le balalli,hobane Morena o tla phethamorero wa hae,morero oo a soketsengbaahi ba Babilona ka wona.

13. Wena ya ahilengpela dinoka tse kgolo,wena ya nang le matlotloa le mangata,pheletso ya hao kajeno e se fihlile,nako ya bophelo ba hao e se fedile.

14. Morena wa mabotho o se a ikanne:Ke tla tlatsa bathohara naha ya hao,bongata ba bonabo lekane le ba ditsie;ba tla o hlabela mekgosiya ho o hlola.”

Jeremia 51