15. “Ka matla a haeMorena o hlodile lefatshe,ka bohlale ba haea tsitsisa metheo ya lona,ka kutlwisiso ya haea ala le mahodimo.
16. Ha a thwathwaretsametsi a lehodimo a a qhwebeshana,o nyolla mohodipheletsong tsa lefatshe.ha pula e enao tsekemisa lehadima,a bulele meyamoo a ntsa e kwaletse teng.
17. “Batho bohle ke dithoto,le tsebo ha ba na yona,malala wohle a kgautaa hlabiswa dihlong,a hlabiswa dihlong ke medingwana,medingwana ena ya wonake ya leshano,medingwana ena ya wonaha e phefumolohe.
18. Ke ntho tsa mafeela,ke ntho tsa ho nyediswa,e tla timelamohla tsatsi la kotlo ya yona.
19. Modimo wa Jakoboha a tshwane le medingwana,hobane yena ke mmopiwa tsohletsohle,o kgethile Iseraelehore e be tjhaba sa hae:Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.”
20. “O tshukudu ya ka,hlomo sa ka sa ntwa,hobane ka wenake tla qhemetsaka ditjhaba,ka wena mebuso yohle ke e fedise.
21. Ka wena ke tla qhemetsapere le mopalami,ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa,ke e qhemetse le moqhobi wa yona.
22. Ka wena ke tla qhemetsamonna le mosadi,ka wena ke qhemetsemaqheku le ditjharola,ka wena ke qhemetsebanana le bashanyana.
23. Ka wena ke tla qhemetsamodisa le mohlape wa hae,ka wena ke qhemetsemolemi le dipholo tsa hae,ka wena ke qhemetsebabusi le babusisi.”
24. “Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.
25. “Wena thaba e timetsangke a o lwantsha,wena ya timetsang lefatshe lohle,”ho rialo Morena.“Ke tla o nanabela ka letsoho la ka,ke o thete, o wele,ke o dihele ka dilomong,ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.
26. Lejwe la mantlhale ke ke la nkuwa ho wena,kapa lona lejwa la ho etsa motheo,hobane o tla fetoha nanaolakamehla yohle,”ho rialo Morena.
27. “Phahamisang mokgelele hara naha!Letsang lenaka hara ditjhaba!Hlophisang ditjhabadi futuhele Babilona,le meme mebuso ena e e futuhele:Ararate le Mini le Ashekenase.Kgethang molaodi ya tla e futuhela,le romele diperetse kang boiyane ba ditsie.
28. Hlophisang ditjhabadi futuhele Babilona,dikgosi tsa Bamede le di meme,le meme babusile bahlanka ba tsona,le dinaha tsohle tseo ba di busang.