Jeremia 50:38-43 BIBELE (SSO89SO)

38. Sabole e supilemehlodi ya dinokana,metsi a tsona a tla psha kaofela,kahobane naha enake naha ya medingwana,medingwana e hlantshang bathoke ho e tshaba!

39. “Teng ho tla phelabatana tsa naha le diphokojwe,dimpshe le tsona di phele moo.Ha ho sa tla hlolaho eba le baahi hape,ha ho ya tla phela tengka mengwaha yohle.

40. Jwalokaha Sodoma le GomoraModimo a na di timetse,a timetsa le metsee neng e ahelane le tsona,”ho rialo Morena,“ha ho na mothoya sa tla phela Babilona,ha ho na mothoya tla aha Babilona.

41. “Bonang, ho tla tla setjhabase etswa leboya,tjhaba se matla,le dikgosi tse ngata,kgosi tse phepheditswengdi le dipheletsong tsa lefatshe.

42. Tjhaba seo se hlometseka diqha le ka marumo;ke tjhaba se sehloho,tjhaba se hlokang mohau.Modumo wa sonaekare wa lewatle le hwasa.Tjhaba seo se tla se palamedipere tsa sona,se theile theko ya ntwa,se hlometse sa mohlabani,se a o futuhela,wena Moradi wa Babilona.

43. Kgosi ya Babilonae utlwetse tsa setjhaba seo,matsoho a yonaa leketlile ke ho tepella;e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung.

Jeremia 50