30. Kahoo bahlankana ba yonaba tla shwela diterateng,bahlabani ba yonaba kgutsiswe ka tsatsi leo,”ho rialo Morena.
31. “Wena Babilona,moikgatshihadi towe wa motse!Bona, ke ya o lwantsha,”ho rialo Morena Modimo wa mabotho,“tsatsi la hao le se le fihlile,nako ya hore ke o nee kotlo ya hao.
32. Moikgantshi o tla kgothometsehaa ba a we,ha ho na ya tla mo thusaho mo emisa;ke tla hotetsa mollomotseng wa hae,o tla tjhesa tsohletse mo potapotileng.”
33. Morena wa mabotho o bua tjena:“Setjhaba sa Iseraele se hateletswe,esita le sona setjhaba sa Juda.Bathopi ba sonaba se tshwere ka thata,ba hana ho se lokollahore se tsamaye.
34. Empa Mopholosi wa sona o matla,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae,se tla buellwa ke yenanyeweng ya sona.Lefatshe le tla tsebaho fumana phomolo,baahi ba Babilona bonaba hloke kgotso.
35. “Sabole e supile setjhaba,tjhaba sa Bakalatiya,”ho rialo Morena.“Baahi ba Babilonale bona e ba supile,e supile babusi ba yonale bahlalefi!
36. E supile baporofeta ba bohata,baporofeta ba Babilona!Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto.Bahlabani ba Babilonale bona e ba supile,bahlabani baoba thothomela ke tshabo!
37. Sabole e supilele dipere tsa bona,ya supa le tsonakariki tsa bona tsa ntwa;e supile bohle bao e leng melata,kaofela ha bonaba tla fetoha basadi!Sabole e supilematlotlo a Babilona,kaofela ha wona matlotlo anaa tla hapuwa!
38. Sabole e supilemehlodi ya dinokana,metsi a tsona a tla psha kaofela,kahobane naha enake naha ya medingwana,medingwana e hlantshang bathoke ho e tshaba!
39. “Teng ho tla phelabatana tsa naha le diphokojwe,dimpshe le tsona di phele moo.Ha ho sa tla hlolaho eba le baahi hape,ha ho ya tla phela tengka mengwaha yohle.
40. Jwalokaha Sodoma le GomoraModimo a na di timetse,a timetsa le metsee neng e ahelane le tsona,”ho rialo Morena,“ha ho na mothoya sa tla phela Babilona,ha ho na mothoya tla aha Babilona.
41. “Bonang, ho tla tla setjhabase etswa leboya,tjhaba se matla,le dikgosi tse ngata,kgosi tse phepheditswengdi le dipheletsong tsa lefatshe.
42. Tjhaba seo se hlometseka diqha le ka marumo;ke tjhaba se sehloho,tjhaba se hlokang mohau.Modumo wa sonaekare wa lewatle le hwasa.Tjhaba seo se tla se palamedipere tsa sona,se theile theko ya ntwa,se hlometse sa mohlabani,se a o futuhela,wena Moradi wa Babilona.
43. Kgosi ya Babilonae utlwetse tsa setjhaba seo,matsoho a yonaa leketlile ke ho tepella;e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung.
44. Jwaloka taue tswang morung wa Jorodane,e etswaho ya makgulong a matalana,ka ho panya ha ntshiBabilona e tla lelekwa!Ba tla sireletswa ke mangha ke ba otla?Ya ka tshwanang le nnaebe ke mang?Ya ka nkisang kgotlayena ke mang?Moetapele ke ofeya ka nkemang kapele?”
45. Ka baka leo,utlwang diqeto tsa Morena,diqeto tseo a di etseditsengbaahi ba Babilona:Batjha ba setjhababa tla hulanngwa,ka baka la bonanaha ya bona e senngwe.
46. Fatshe le tla reketlaha ho utlwahala,ho utlwahala hore Babilonae se e hapilwe:Sello sa yonase tla utlwahala hara baditjhaba.