29. “Bohle ba fulang ka diqhale ka metsu,ba bitseng bohle,ba futuhele Babilona,ba e etsetse sakana-la-nkope,ba se tlohele le ya monga phonyoha.Putsang Babilonaka baka la ketso tsa yona,le e etse seo e ila se etsa ba bang,hobane Babilonae ikgantsheditse Morena,ya ikgatshetsaYa Halalelang wa Iseraele.
30. Kahoo bahlankana ba yonaba tla shwela diterateng,bahlabani ba yonaba kgutsiswe ka tsatsi leo,”ho rialo Morena.
31. “Wena Babilona,moikgatshihadi towe wa motse!Bona, ke ya o lwantsha,”ho rialo Morena Modimo wa mabotho,“tsatsi la hao le se le fihlile,nako ya hore ke o nee kotlo ya hao.
32. Moikgantshi o tla kgothometsehaa ba a we,ha ho na ya tla mo thusaho mo emisa;ke tla hotetsa mollomotseng wa hae,o tla tjhesa tsohletse mo potapotileng.”
33. Morena wa mabotho o bua tjena:“Setjhaba sa Iseraele se hateletswe,esita le sona setjhaba sa Juda.Bathopi ba sonaba se tshwere ka thata,ba hana ho se lokollahore se tsamaye.
34. Empa Mopholosi wa sona o matla,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae,se tla buellwa ke yenanyeweng ya sona.Lefatshe le tla tsebaho fumana phomolo,baahi ba Babilona bonaba hloke kgotso.
35. “Sabole e supile setjhaba,tjhaba sa Bakalatiya,”ho rialo Morena.“Baahi ba Babilonale bona e ba supile,e supile babusi ba yonale bahlalefi!
36. E supile baporofeta ba bohata,baporofeta ba Babilona!Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto.Bahlabani ba Babilonale bona e ba supile,bahlabani baoba thothomela ke tshabo!