Jeremia 50:14-28 BIBELE (SSO89SO)

14. “Lona bohle ba fulang ka diqha,theang theko, le potapote Babilona,le e fule, ho se be le motsu o salang,hobane Babilona e sitetswe Morena.

15. Hlabelang Babilonamokgosi kahohle!E a inehela,tora tsa yona di a heleha,le marako a yona a a heletswa,hobane phetetso ena ke ya Morena.Le lona iphetetseng ho yona,le e etse seo e se entseng ba bang.

16. Fedisa mojadi Babilona,le mokotudi ka sekele ya hae a fele.Ka baka la ho tshabasabole ya mohatellimotho ka monga kgutlele tjhabeng sa habo,motho ka monga balehele naheng ya habo.”

17. “Baiseraeleke mohlape o qhalakaneng,oo ditau di o manakisang.Wa pele wa ho ba jake kgosi ya Asiria,Nebukadenesare, kgosi ya Babilona,a qetelaka ho ba bjabjaretsa masapo.”

18. Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:“Ke tla otla kgosi ya Babilonale naha ya yona,jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria.

19. Ke tla busetsa Baiseraelemakgulong a bona,ba fule Karamele,ba fule le Bashane;ba fule thabeng ya Efraime,ba fule le Gileade,di ba fepe di be di ba kgorise.

20. Ka matsatsi ao, le ka nako eo,”ho rialo Morena,“bokgopo ba Baiseraelebo tla batlisiswa,empa ha bo ka keba ba ba fumaneha;le dibe tsa morabe wa Judadi tla batlisiswa,empa le tsona ha di ka ketsa ba tsa fumaneha,hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”

21. “Futuhelang naha ya Merataime,le futuhele le baahi ba Pekode.Ba phaladiseng, le ba bolaye,le be le ba timetse ho hang,”ho rialo Morena.“Taelo tsa ka tsohlele di phethahatse.

22. Hara naha ho utlwahalamokgosi wa ntwa,tshenyo ya wona ke e kgolo haholo!

23. Bonang kamoo noto ya lefatshe lohlee pshatlehileng maqhetswana kateng!Kamoo Babilonae fetohileng nanaola kateng,ya fetoha nanaola hara baditjhaba!

24. Wena Babilonake o tjhehetse leraba,la ba la o tshwasa o sa le ela hloko;o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa,hobane o ile wa lwana,wa lwantshana le Morena.

25. Morena o butse ntloya dihlomo tsa hae,hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha.Morena Modimo wa mabotho,o na le mosebetsi,mosebetsi oo a o etsangnaheng ya Babilona.

26. Futuhelang Babilonale etswa hohle,disiu tsa yona le di qhaqholle;bokellang tsohle sa setha sa mabele,le di bokelle, le di senyetse ruri,le se ke la siya leha e le letho!

27. Bolayang bahlabani bohle,bahlabani ba Babilona,le ba theolelemoo ba tla hlabelwa teng.Bomadimabe ba bonake bo bokaakang!Tsatsi la kotlo ya bonale ba fihletse!

28. “Mamelang babalehiba phonyohileng Babilona,ba phatlalatsa Sionehore Morena o a iphetetsa,Morena Modimo wa rona,o a phetetsa,o phetetsa Tempele ya hae.

Jeremia 50