Jeremia 50:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya:

2. “Bolelang le phatlalatsehara ditjhaba,phahamisang mokgele,le phatlalatse,le se pate letho, le bolele, le re:<Babilona e tla hapuwa,Bele wa modingwanaa hlabiswe dihlong,Maraduke wa modingwanaa tlale tshabo.Medimo ya bohatae tla hlabiswa dihlong,medingwana ya Babilonae tlale tshabo.>

3. Tjhaba se tswang leboyase tla e futuhela,se fetole naha ya Babilonae be nanaola.Ha ho na ya tla phela ho yona,ho tla baleha batho le diphoofolo.”

4. “Matsatsing ao, ka yona nako eo,”ho rialo Morena,“Baiseraele le Bajuda ba le mmoho,ba tla batla Morena,Modimo wa bona, ka dikgapha.

5. Ba tla botsa tsela e yang Sione,fahleho tsa bona di tadime tseleng eo.Ba tla tla, ba ineele Morena,ba etse selekane sa kamehla yohle,selekane se ke kengsa hlola se lebalwa.

6. “Setjhaba sa kake dinku tsa malahleha,badisa ba sona ba ile ba se kgelosa,ba etsa hore se solle hodima dithaba.Se lelerile hodima dithaba le maralla,sa lebala baka sa sona sa ho phomola.

7. Bohle ba se fumanangba itjella sona,dira tsa sona tsa re:<Rona ha re na molato,hoba se sitetswe Morena,e leng kgulo la sona la sebele,Morena, yena tshepoya bo-ntata sona.>

8. “Tswang kahara Babilona le balehe,tlohang naheng ya Bakalatiya,le be jwaloka poditse etellang mohlape pele.

9. Ke tla etsa letsosohara naha tse matla,hara naha tse matla tsa ka leboya,di futuhele Babilona,di ikentse kgokanyana phiri.Di tla thulana le yonathekong ya ntwa,e hapuwe ke tjhabatse hlahang ka leboya.Metsu ya tsonae tla ka mohlabani ya masene,ya sa ke be a kgutle ntwenga se na kgapo.

10. Kahoo Babilona e tla ba lelobelo,bohle ba e lobelangba ikgapele ka ho rata,”ho rialo Morena.

11. “Lona ba lobetseng lefa la ka,le hoja le thabile, le nyakaletse,le ralotsa sa sethojanase qeta ho pola mabele,le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,

12. mma lonao tla hlabiswa dihlong haholo,yena ya le belehilengo tla tlontloloha;e tla ba tjhabana se nyedisehanghara ditjhaba, a fetohe lefeella,letswatlare le lehwatata.

13. Ka baka la hobaneMorena a halefile,Babilona ha e ka ke ya eba le baahi,e tla fetoha nanaola kahohlehohle.Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla!Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!

14. “Lona bohle ba fulang ka diqha,theang theko, le potapote Babilona,le e fule, ho se be le motsu o salang,hobane Babilona e sitetswe Morena.

15. Hlabelang Babilonamokgosi kahohle!E a inehela,tora tsa yona di a heleha,le marako a yona a a heletswa,hobane phetetso ena ke ya Morena.Le lona iphetetseng ho yona,le e etse seo e se entseng ba bang.

16. Fedisa mojadi Babilona,le mokotudi ka sekele ya hae a fele.Ka baka la ho tshabasabole ya mohatellimotho ka monga kgutlele tjhabeng sa habo,motho ka monga balehele naheng ya habo.”

Jeremia 50