6. Kahoo tau tsa merudi tla ba bolaya,phiri tsa lehwatata di ba harolake,mangau a solle hara metse ya bona.Bohle ba tswelang kantleba tla tsekollwa,hobane dibe tsa bona di ngatangata,bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.
7. “Nka o tshwarela tseeka baka lang?Bana ba hao ba mphuraletse,ba hlapanya ka medimoeo e seng medimo.Hoba ke ba fepe,ba je sa mpanaphatloha,ba ile ba ikabela ho etsa bofebe,ba hlolokana matlung a diotswa.
8. Ba ka poho tsa diperetse fepehileng,tse batlang ho thokola,monna ka mongo lakatsa mosadi wa e mong.
9. Na ha ke lokeleho ba otlela tsee?”ho rialo Morena.“Na tjhaba se tjee ha se lokelweke boiphetetso ba ka?
10. “Kenang hara merara ya sonale e robake,feela le se ke la e robakaofela ha yona;makala a yona le a kgaole,hobane makala aohase makala a Morena.
11. Ba ntlo ya Iseraelele ba ntlo ya Juda,ba ntlhoketse botshepehi haholo,”ho rialo Morena.
12. Ba ile ba latola Morena, ba re:“Ha a ka ke a re etsa letho;bobe bo ke ke ba re wela hodimo,ntwa le tlala ha re sa tla di bona!
13. Baporofeta bona ke moya feela,ha ba na molaetsao tswang ho Morena;a ba ke ba timele ke hona!”
14. Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, o re:“Kaha setjhabase buile mantswe ana,bona, polelo tsa katse tswang molomong wa hao,ke tla di etsa mollo,tjhaba sena e be patsie tjheswang ke wona.
15. Wena ntlo ya Iseraele,”ho rialo Morena,“ke tlisa tjhaba se tswang holeho o futuhela,tjhaba sa kgale, sa boholoholo,tjhaba seo puo ya sonao sa e tsebeng,tjhaba seo leme le sonao sa le tsebeng.