Jeremia 5:25-31 BIBELE (SSO89SO)

25. Ditshito tsa lonadi thibetse tsena,dibe tsa lonatsa le amoha melemo ena.

26. “Batho ba kgopo ba tengtjhabeng sa ka,ba lallang sa batshosi ba dinonyana,sa ba tjhehang difihore ba kgate batho.

27. Jwalokaha serobese ye se tlale dinonyana,matlo a bona le wonaa tletse thetso,kahoo ba a matlafala,leruo la bona le ate.

28. Ba a rotoloha,ba be moropotsana,ketso tse kgopo tsa bonake tse se nang moedi;ha ba ahlole dinyewe ka toka,ha ba buelle dikgutsana dinyeweng,ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.

29. Na ha ke lokeleho ba otlela tsee?”ho rialo Morena.“Na tjhaba se tjee ha se lokelweke boiphetetso ba ka?

30. “Ntho e tshabehang,e nyonyehang haholo,e etsahetse kahara naha ena:

31. Baporofeta ba porofeta leshano,baprista ba kgema le baporofeta,tjhaba sa ka se rataha taba di eme jwalo.Le tla etsangha tsee di fihla qetellong?”

Jeremia 5