15. Wena ntlo ya Iseraele,”ho rialo Morena,“ke tlisa tjhaba se tswang holeho o futuhela,tjhaba sa kgale, sa boholoholo,tjhaba seo puo ya sonao sa e tsebeng,tjhaba seo leme le sonao sa le tsebeng.
16. Dihlajwa tsa sonadi ka bitla le ahlameng,kaofela ke tjhaba sa dinatla,natla tsa bahlabani.
17. Se tla ja dijalo le dijo tsa hao,se je bara le baradi ba hao;se je mehlape ya dikgutshwanele ya dikgomo,se je morara le feiye ya hao.Metse e hahetsweng marako,eo o e tshepang,e tla timetswa ka sabole,e timetswe ke sera seo.
18. “Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.
19. Etlare ha batho ba botsa, ba re: <Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?> Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: <Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.>
20. “Bolelang tsenaho ba ntlo ya Jakobo,le di phatlalletseba ntlo ya Juda, le re: