Jeremia 5:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Nyolosang, le theose diterata,terata tsa Jerusalema;le qamake kahohle le hlokomele,le batlisise le mabaleng a motse;ha le ka fumana motholeha a le mong,motho ya etsang toka,ya batlang nnete,motse wa Jerusalemake tla o tshwarela.

2. Leha ba hlapanya, ba re:<Ka Morena ya phelang,>nnete ke horeba hlapanya ka thetso.”

3. Morena, ha ke re wenao batla nnete?O ba otlile,ha ba a utlwa bohloko;o ba kgahlotse,ha ba a boela tseleng,ba thatafaditsefahleho tsa bona sa lejwe,ba hanne ho bakela dibe tsa bona.

4. Yaba nna ke re:“Bana ke bathwanaba hlokang tsebo,bao tsela ya Modimoba sa e tsebeng,ba sa tsebeng taelotsa Modimo wa bona.

5. Ke tla ya ho ba baholo,ke buisane le bona;tsela ya Morena bona ba a e tseba,ba tseba le taelotsa Modimo wa bona.”Empa kaofela ha bonajoko ba e robile,marapo le wona ba a kgaotse.

6. Kahoo tau tsa merudi tla ba bolaya,phiri tsa lehwatata di ba harolake,mangau a solle hara metse ya bona.Bohle ba tswelang kantleba tla tsekollwa,hobane dibe tsa bona di ngatangata,bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.

7. “Nka o tshwarela tseeka baka lang?Bana ba hao ba mphuraletse,ba hlapanya ka medimoeo e seng medimo.Hoba ke ba fepe,ba je sa mpanaphatloha,ba ile ba ikabela ho etsa bofebe,ba hlolokana matlung a diotswa.

Jeremia 5