Jeremia 49:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. “Bokolla, wena Heshebone,hobane Ai e timeditswe!Howeletsang lona baahi ba Raba!Aparang tse mahwashe, le hlomohe!Tjhalakang, le ye hohlekahara marako,hobane Milekome,modingwana bona, o tla thopuwa,a thopuwe le bapristale mahosana a hae.

4. Ho ya kang le ithorisangka kgohlo tsa lona,le ithorisangka kgohlo tsa lona tse manoni?Wena moradi ya hlokang botshepehi,wena ya tshepilengmaruo a hae, ya reng:<Ke mang ya tla mphutuhela?>

5. Bona, ke tla o tlisetsa tshabo,o tshabe bohle ba o potapotileng,”ho rialo Morena, Morena wa mabotho.“Kaofela ha lonale tla lelekwa naheng ena,ha ho ya tla phuthabaphaphathehi ba lona.

6. “Hamorao ke tla boelake atlehisa Baamone,”ho rialo Morena.

7. Malebana le Baedomo Morena o bua tjena:“Na ebe Temanaha ho sa na bohlale?Na ba bohlaleha ba sa na dikeletso?Na bohlale ba bonabo se bo fedile?

8. Kgutlang, le balehe,le ipate ka mahaheng,lona baahi ba motse wa Dedane,hobane ke tla dihela Esau koduwa,ke mo dihele yona ha ke mo otla.

Jeremia 49