28. Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re:“Ema, o futuhele baahi ba Kedare,baahi ba botjhabela o ba timetse.
29. O hape tente tsa bonale mehlape ya bona,le maphephe a bona o bo a nke,o nke thepa yohle ya bonale dikamele.Batho ba tla howeletsa,ba re ho bona:<Matshabehoa le potapotile kahohle!>
30. “Balehang kapele, ka ho potlaka!Ipateng mafarunglona baahi ba Hasore,”ho rialo Morena.“Nebukadenesare,kgosi ya Babilona,morero wa ho le futuhelao se a o rerile,moralo wa ho le futuhelao se a o radile.
31. “Emang le futuheletjhaba se iketlile,tjhaba se iphelela,se ena le letshepa,tjhaba se se nang dikgoro,se se nang le mekwallo,tjhaba se iphelelangse le inotshi feela,”ho rialo Morena.
32. “Kamele tsa sonae tla ba lelobelo,mehlape ya sona e mengatae tla hapuwa.Ba bakeng tse holeke tla ba qhalanyetsa hohle,ke ba dihele koduwaka mahlakore wohle,”ho rialo Morena.
33. “Hasore e tla fetohalehae la diphokojwe,e be nanaola ya kamehla yohle;ha ho na mothoya tla phela ho yona,ha ho na mothoya tla aha ho yona.”
34. Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Elame, mehleng ya ha Sedekiya, kgosi ya Juda, a ne a qala ho busa, la re:
35. Morena wa mabotho o bua tjena:“Bona, seqha sa Baelameke tla se roba,e leng sona se ba matlafaditseng.
36. Ke tla ba pepetlaka meya e hlaha hohle,e hlaha qoleng tse nne tsa lefatshe.Ke tla ba qhalanyetsaqoleng tse nne tsa lefatshe,ha ho na le setjhaba le se sengseo baphaphathehi ba Elameba sa tlo fihla ho sona.
37. Baelame ke tla ba qhemetsa,ke ba qhemetsemahlong a dira tsa bona,mahlong a ba batlang ho ba bolaya;ke tla dihela koduwa hodima bona,ke ba dihele kgalefo ya ka,kgalefo e tlokomang,”ho rialo Morena.“Ke tla romela maraa ba phaladise,a ba phaladise ka sabole,a ba timetse.
38. Ke tla hloma terone ya ka Elame,ke timetse kgosi ya yonale mahosana a yona,”ho rialo Morena.
39. “Empa ke tla boelake atlehisa Elame,ke e atlehiseka matsatsi a tlang,”ho rialo Morena.