24. Damaseka e se e fokola,e phekgohile, e hlanola tlhabela,tshabo le yona e se e e fihletse;bohloko bo e tshwerele mahlaba a e tshwere,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung.
25. Jo! Motse o tummengo furaletswe!Motse wa Damasekao nkgahlang haholo!
26. Ruri bahlankana ba wonaba tla bolawa diterateng,bahlabani ba kgutsiswemohla tsatsi leo,”ho rialo Morena wa mabotho.
27. “Marako a Damasekake tla a tjhesa,qhoboseheane tsa Bene-Hadadeke di timetse!”
28. Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re:“Ema, o futuhele baahi ba Kedare,baahi ba botjhabela o ba timetse.
29. O hape tente tsa bonale mehlape ya bona,le maphephe a bona o bo a nke,o nke thepa yohle ya bonale dikamele.Batho ba tla howeletsa,ba re ho bona:<Matshabehoa le potapotile kahohle!>
30. “Balehang kapele, ka ho potlaka!Ipateng mafarunglona baahi ba Hasore,”ho rialo Morena.“Nebukadenesare,kgosi ya Babilona,morero wa ho le futuhelao se a o rerile,moralo wa ho le futuhelao se a o radile.
31. “Emang le futuheletjhaba se iketlile,tjhaba se iphelela,se ena le letshepa,tjhaba se se nang dikgoro,se se nang le mekwallo,tjhaba se iphelelangse le inotshi feela,”ho rialo Morena.
32. “Kamele tsa sonae tla ba lelobelo,mehlape ya sona e mengatae tla hapuwa.Ba bakeng tse holeke tla ba qhalanyetsa hohle,ke ba dihele koduwaka mahlakore wohle,”ho rialo Morena.