Jeremia 49:2-19 BIBELE (SSO89SO)

2. Bonang, matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla hlaba mokgosi,ke o hlabele Raba ya Baamone:Raba e tla fetoha qubu ya masupi,metse ya yona e tjheswe ke mollo.Jwale Baiseraele ba tla hapanaha ya bona, ba e hapeho ba neng ba e hapile pele,”ho rialo Morena.

3. “Bokolla, wena Heshebone,hobane Ai e timeditswe!Howeletsang lona baahi ba Raba!Aparang tse mahwashe, le hlomohe!Tjhalakang, le ye hohlekahara marako,hobane Milekome,modingwana bona, o tla thopuwa,a thopuwe le bapristale mahosana a hae.

4. Ho ya kang le ithorisangka kgohlo tsa lona,le ithorisangka kgohlo tsa lona tse manoni?Wena moradi ya hlokang botshepehi,wena ya tshepilengmaruo a hae, ya reng:<Ke mang ya tla mphutuhela?>

5. Bona, ke tla o tlisetsa tshabo,o tshabe bohle ba o potapotileng,”ho rialo Morena, Morena wa mabotho.“Kaofela ha lonale tla lelekwa naheng ena,ha ho ya tla phuthabaphaphathehi ba lona.

6. “Hamorao ke tla boelake atlehisa Baamone,”ho rialo Morena.

7. Malebana le Baedomo Morena o bua tjena:“Na ebe Temanaha ho sa na bohlale?Na ba bohlaleha ba sa na dikeletso?Na bohlale ba bonabo se bo fedile?

8. Kgutlang, le balehe,le ipate ka mahaheng,lona baahi ba motse wa Dedane,hobane ke tla dihela Esau koduwa,ke mo dihele yona ha ke mo otla.

9. Haeba bakotudi ba moraraba ka tla ho lona,na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu,na a ke ke a utswa a itekanyetsa?

10. Ke tla hlobodisa Esau a be feela,baka tseo a ipatang ho tsonake di pepese,hoo a ke keng a hlolaa tseba ho ipata.Bana ba hae, bang ka yena,ba ahisaneng le yena,bana bohle ba tla timela,yena a ke ke a hlola a eba teng.

11. Tlohelang dikgutsana tsa lona,bophelo ba tsonake tla bo sireletsa,bahlolohadi ba lonale bona ba ntshepe.”

12. Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.

13. Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”

14. Ke fumane molaetsao tswang ho Morena,leqosa le rometsweho baditjhaba hore le re:“Kgobokanang mmohole futuhele Edomo!Emang, le itokisetse ntwa!”

15. “Ke tla le nyenyefatsa,ke le nyenyefatse hara baditjhaba,batho bona ba le nyedise!

16. Boikakaso ba hao bo u thetsitse,le boikgantsho ba pelo ya haobo o thetsitse,wena ya phelangka mafarung a mafika,wena ya ahilengmaralleng a phahameng.Le hoja o ahile hodimojwaloka ntsu,ke tla o theolela tlase,”ho rialo Morena.

17. “Edomo e tla fetoha nanaola,bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle,e fotohe sekgobo sa kamehla yohle,ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.

18. Jwalokaha Sodoma le Gomoradi ile tsa timetswa,tsa timetswa le metsee di potapotileng,”ho rialo Morena,“kahoo ha ho ya tla phela ho yona,ha ho motho ya tla aha motseng oo.

19. “Jwaloka taue tswang merung ya Jorodane,e etswa ho ya makgulong a matalana,ka ho panya ha ntshiEdomo ke tla e leleka,ke e leleke naheng e le ya yona.Ba tla sireletswa ke mangha ke ba otla?Ya ka tshwanang le nnaebe ke mang?Ya ka nkisang kgotlayena ke mang?Moetapele ke ofeya ka nkemang kapele?”

Jeremia 49