14. Ke fumane molaetsao tswang ho Morena,leqosa le rometsweho baditjhaba hore le re:“Kgobokanang mmohole futuhele Edomo!Emang, le itokisetse ntwa!”
15. “Ke tla le nyenyefatsa,ke le nyenyefatse hara baditjhaba,batho bona ba le nyedise!
16. Boikakaso ba hao bo u thetsitse,le boikgantsho ba pelo ya haobo o thetsitse,wena ya phelangka mafarung a mafika,wena ya ahilengmaralleng a phahameng.Le hoja o ahile hodimojwaloka ntsu,ke tla o theolela tlase,”ho rialo Morena.
17. “Edomo e tla fetoha nanaola,bo-mofeta-ka-tsela ba e makalle,e fotohe sekgobo sa kamehla yohle,ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona.
18. Jwalokaha Sodoma le Gomoradi ile tsa timetswa,tsa timetswa le metsee di potapotileng,”ho rialo Morena,“kahoo ha ho ya tla phela ho yona,ha ho motho ya tla aha motseng oo.
19. “Jwaloka taue tswang merung ya Jorodane,e etswa ho ya makgulong a matalana,ka ho panya ha ntshiEdomo ke tla e leleka,ke e leleke naheng e le ya yona.Ba tla sireletswa ke mangha ke ba otla?Ya ka tshwanang le nnaebe ke mang?Ya ka nkisang kgotlayena ke mang?Moetapele ke ofeya ka nkemang kapele?”
20. Ka baka leo,utlwang diqeto tsa Morena,diqeto tseo a di etseditsengbaahi ba Edomo,merero eo Morena a e rerileng,a e rerela baahi ba Temana:Batjha ba setjhababa tla hulanngwa,ka baka la bonanaha ya bona e senngwe.
21. Etlare ha ba ewalefatshe le reketle,seboko sa bona se yo utlwahala,se utlwahale Lewatleng la Lehlaka.
22. Ntsu e tla solla hodimo,e ubelle,e thathalatse mapheo a yona,e a thathalatse hodima Bosera.Pelo tsa bahlabani ba Edomo,ka tsatsi leo,di tla ka pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.
23. Malebana le Damaseka Morena o re:“Baahi ba Hamate le ba Arepadeba tsielehile,hobane ba utlwile taba tse bohloko.Pelo tsa bona di nyahame haholo,di tshwenyehilesa lewatle le tsudubutlana.
24. Damaseka e se e fokola,e phekgohile, e hlanola tlhabela,tshabo le yona e se e e fihletse;bohloko bo e tshwerele mahlaba a e tshwere,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung.
25. Jo! Motse o tummengo furaletswe!Motse wa Damasekao nkgahlang haholo!
26. Ruri bahlankana ba wonaba tla bolawa diterateng,bahlabani ba kgutsiswemohla tsatsi leo,”ho rialo Morena wa mabotho.
27. “Marako a Damasekake tla a tjhesa,qhoboseheane tsa Bene-Hadadeke di timetse!”
28. Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re:“Ema, o futuhele baahi ba Kedare,baahi ba botjhabela o ba timetse.
29. O hape tente tsa bonale mehlape ya bona,le maphephe a bona o bo a nke,o nke thepa yohle ya bonale dikamele.Batho ba tla howeletsa,ba re ho bona:<Matshabehoa le potapotile kahohle!>
30. “Balehang kapele, ka ho potlaka!Ipateng mafarunglona baahi ba Hasore,”ho rialo Morena.“Nebukadenesare,kgosi ya Babilona,morero wa ho le futuhelao se a o rerile,moralo wa ho le futuhelao se a o radile.
31. “Emang le futuheletjhaba se iketlile,tjhaba se iphelela,se ena le letshepa,tjhaba se se nang dikgoro,se se nang le mekwallo,tjhaba se iphelelangse le inotshi feela,”ho rialo Morena.
32. “Kamele tsa sonae tla ba lelobelo,mehlape ya sona e mengatae tla hapuwa.Ba bakeng tse holeke tla ba qhalanyetsa hohle,ke ba dihele koduwaka mahlakore wohle,”ho rialo Morena.