Jeremia 49:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Malebana le Baamone Morena o bua tjena:“Na ebe Iseraele ha e na bara?Na ebe ha e na majalefa?Ho ya kangha ba kgumamelang Milekome,e le bona ba jeleng lefa la Gade?Ho ya kang ha metseng ya Gadejwale ho se ho phela bona?

2. Bonang, matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla hlaba mokgosi,ke o hlabele Raba ya Baamone:Raba e tla fetoha qubu ya masupi,metse ya yona e tjheswe ke mollo.Jwale Baiseraele ba tla hapanaha ya bona, ba e hapeho ba neng ba e hapile pele,”ho rialo Morena.

3. “Bokolla, wena Heshebone,hobane Ai e timeditswe!Howeletsang lona baahi ba Raba!Aparang tse mahwashe, le hlomohe!Tjhalakang, le ye hohlekahara marako,hobane Milekome,modingwana bona, o tla thopuwa,a thopuwe le bapristale mahosana a hae.

4. Ho ya kang le ithorisangka kgohlo tsa lona,le ithorisangka kgohlo tsa lona tse manoni?Wena moradi ya hlokang botshepehi,wena ya tshepilengmaruo a hae, ya reng:<Ke mang ya tla mphutuhela?>

5. Bona, ke tla o tlisetsa tshabo,o tshabe bohle ba o potapotileng,”ho rialo Morena, Morena wa mabotho.“Kaofela ha lonale tla lelekwa naheng ena,ha ho ya tla phuthabaphaphathehi ba lona.

6. “Hamorao ke tla boelake atlehisa Baamone,”ho rialo Morena.

7. Malebana le Baedomo Morena o bua tjena:“Na ebe Temanaha ho sa na bohlale?Na ba bohlaleha ba sa na dikeletso?Na bohlale ba bonabo se bo fedile?

8. Kgutlang, le balehe,le ipate ka mahaheng,lona baahi ba motse wa Dedane,hobane ke tla dihela Esau koduwa,ke mo dihele yona ha ke mo otla.

9. Haeba bakotudi ba moraraba ka tla ho lona,na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu,na a ke ke a utswa a itekanyetsa?

10. Ke tla hlobodisa Esau a be feela,baka tseo a ipatang ho tsonake di pepese,hoo a ke keng a hlolaa tseba ho ipata.Bana ba hae, bang ka yena,ba ahisaneng le yena,bana bohle ba tla timela,yena a ke ke a hlola a eba teng.

11. Tlohelang dikgutsana tsa lona,bophelo ba tsonake tla bo sireletsa,bahlolohadi ba lonale bona ba ntshepe.”

Jeremia 49