Jeremia 48:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Moabe e tla ripitlwa,sello sa masea a yona se utlwahale.

5. Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,ba nyolohela teng ba ntse ba lla;tseleng e theohelang Horonaimeho utlwahala dillotse reng: <Koduwa!>

6. Balehang le tle le ipholose,le ke tonki e hlaha ya lehwatata.

7. Kaha le tshepile ketso tsa lonale maruo a lona,le lona Bamoabe le tla thopuwa;Kemoshe le yena o tla thopuwa;a thopuwe le baprista ba hae,a thopuwe le mahosana.

8. Metse yohle e tla futuhelwa,e futuhelwe ke motimetsi,ha ho motse le o mongo tla phonyoha.Ba phelang ka kgohlongba tla ripitlwa,ba phelang dithotengle bona ba timetswe,hobane Morena o boletse jwalo.

9. Neang Bamoabe mapheo ba fofe,ba fofe ba ikele hole,hobane metse ya bonae tla fetoha masupi,e fetohe masupi a hlokang baahi.

10. “Ya sa natsengmosebetsi wa Morena a rohakehe!Ya sa tsholleng madi ka sabolea rohakehe!”

11. “Moabe e iketlileho tloha botjheng ba yona,e ka veine eo ditshifa tsa yonadi qitileng,e sa rokollelweng dinkgongka ho fapana,le bothopuwengMoabe ha e eso ka e iswa;kahoo boleng ba yonae ntse le ba pele,le monko wa yona ha wa fetoha.

12. Ka baka leo, bonang,matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla romellabarokolli ba dinkgo,mme bona ba tla e rokollela fatshe;dinkgo tsa yona ba tla di tsholla,mepotjwana ya bonayona ba e pshatlake.

Jeremia 48