Jeremia 48:38-42 BIBELE (SSO89SO)

38. Hodima matlo wohle a Moabe,le hara diterata tsohle tsa yona,ha ho letho, haese dillo feela,hobane Moabe ke e pshatlile,ka e pshatla sa mopotjwanao seng o sa natswe ke motho,”ho rialo Morena.

39. “Utlwahatsang sello sena:Bonang, Moabe e fetohile lesupi!Bonang kamoo e balehang katenge le dihlong!Moabe e se e fetohile sesomo,e fetohile setsotoho ba ahelaneng le yona.”

40. Morena o bua tjena:“Bonang, ntsu ke eo e ubella,e thathaladitse mapheohodima Moabe,

41. metse yohle e tla hapuwa,diqhobosheane le tsona di kenwe.Mohlang oopelo tsa bahlabani ba Moabedi tla tshwana le pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.

42. Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,hobane e ikakaseditse Morena.

Jeremia 48