37. Dihlooho kaofela di lekorana,ditedu kaofela ba di beotse,matsoho kaofela ba a phatsitse,matheka ba a tlammeka tse mahwashe.
38. Hodima matlo wohle a Moabe,le hara diterata tsohle tsa yona,ha ho letho, haese dillo feela,hobane Moabe ke e pshatlile,ka e pshatla sa mopotjwanao seng o sa natswe ke motho,”ho rialo Morena.
39. “Utlwahatsang sello sena:Bonang, Moabe e fetohile lesupi!Bonang kamoo e balehang katenge le dihlong!Moabe e se e fetohile sesomo,e fetohile setsotoho ba ahelaneng le yona.”
40. Morena o bua tjena:“Bonang, ntsu ke eo e ubella,e thathaladitse mapheohodima Moabe,
41. metse yohle e tla hapuwa,diqhobosheane le tsona di kenwe.Mohlang oopelo tsa bahlabani ba Moabedi tla tshwana le pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.
42. Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,hobane e ikakaseditse Morena.
43. Tshabo le lemena le lerabadi le fumane,di fumane lona baahi ba Moabe,”ho rialo Morena.