Jeremia 48:35-47 BIBELE (SSO89SO)

35. Ba etsetsang dinyehelodibakeng tsa borapedi,le ba tjhesetsangmedimo ya bona mokubetso,ke tla ba thibelaho etsa jwalo naheng ya Moabe,”ho rialo Morena.

36. “Kahoo pelo ya kae llela Moabe sa lekodilo,sa lekodilo le llela bannaba Kire-Harese,hoba matlotlo a bonaa se a ba feletse.

37. Dihlooho kaofela di lekorana,ditedu kaofela ba di beotse,matsoho kaofela ba a phatsitse,matheka ba a tlammeka tse mahwashe.

38. Hodima matlo wohle a Moabe,le hara diterata tsohle tsa yona,ha ho letho, haese dillo feela,hobane Moabe ke e pshatlile,ka e pshatla sa mopotjwanao seng o sa natswe ke motho,”ho rialo Morena.

39. “Utlwahatsang sello sena:Bonang, Moabe e fetohile lesupi!Bonang kamoo e balehang katenge le dihlong!Moabe e se e fetohile sesomo,e fetohile setsotoho ba ahelaneng le yona.”

40. Morena o bua tjena:“Bonang, ntsu ke eo e ubella,e thathaladitse mapheohodima Moabe,

41. metse yohle e tla hapuwa,diqhobosheane le tsona di kenwe.Mohlang oopelo tsa bahlabani ba Moabedi tla tshwana le pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.

42. Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,hobane e ikakaseditse Morena.

43. Tshabo le lemena le lerabadi le fumane,di fumane lona baahi ba Moabe,”ho rialo Morena.

44. “Ya balehang ke ho tshabao tla wela ka lemeneng,ya tswang ka lemenengraba le tla mo tshwasa.Tsena tsohleke tla di tlisetsa ba Moabe,ke ba tlisetse tsonaka lemo sa kotlo ya bona,”ho rialo Morena.

45. “Baphaphathehi ba ememoriting wa Heshebone,ba eme tengba qetilwe ke mokgathala,hobane mollo o hoteditswewa hotetswa ka Heshebone,malakabe a laimaa etswa tlung ya Sihone,a laimaa tjhesa lehae la Bamoabe,a fedisa tlotla ya baikgantshi.

46. O madimabe hakaakang,wena Moabe!Tjhaba sa Kemoshese fedile kaofela,bara ba haoba isitswe bothopuweng,baradi ba haole bona ba thopilwe!

47. “Empa hamorao ke tla boelake atlehisa Moabe,taba tsa Moabe di boele madulong,”ho rialo Morena.Kahlolo ya Moabe e fella mona.

Jeremia 48