35. Ba etsetsang dinyehelodibakeng tsa borapedi,le ba tjhesetsangmedimo ya bona mokubetso,ke tla ba thibelaho etsa jwalo naheng ya Moabe,”ho rialo Morena.
36. “Kahoo pelo ya kae llela Moabe sa lekodilo,sa lekodilo le llela bannaba Kire-Harese,hoba matlotlo a bonaa se a ba feletse.
37. Dihlooho kaofela di lekorana,ditedu kaofela ba di beotse,matsoho kaofela ba a phatsitse,matheka ba a tlammeka tse mahwashe.
38. Hodima matlo wohle a Moabe,le hara diterata tsohle tsa yona,ha ho letho, haese dillo feela,hobane Moabe ke e pshatlile,ka e pshatla sa mopotjwanao seng o sa natswe ke motho,”ho rialo Morena.
39. “Utlwahatsang sello sena:Bonang, Moabe e fetohile lesupi!Bonang kamoo e balehang katenge le dihlong!Moabe e se e fetohile sesomo,e fetohile setsotoho ba ahelaneng le yona.”
40. Morena o bua tjena:“Bonang, ntsu ke eo e ubella,e thathaladitse mapheohodima Moabe,
41. metse yohle e tla hapuwa,diqhobosheane le tsona di kenwe.Mohlang oopelo tsa bahlabani ba Moabedi tla tshwana le pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.
42. Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,hobane e ikakaseditse Morena.