30. Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba,empa ke bokakalopebo se nang thuso,”ho rialo Morena,“ho ipoledisaka ha yonaha ho na molemo.
31. Ka baka leo, ke llela Moabe,ke llela baahi bohle ba Moabe,ke llela banna ba Kire-Harese.
32. Wena morara wa Sibemake a o llela!Ke o llelale ho feta baahi ba Jasere!Makala a morara wa Sibemaa thathaletse,a thathaletseho ya fihla lewatleng la Jasere,mosenyi o lobetse ditholwana,tholwana tsa lehlabula,o lobetse tholwanatsa morara wa hao.
33. Rapeng tsa difatele masimong a Moabe,thabo le monyakaha di sa fumanwa.Ke thibetse ho tswa ha veine,ho tswa ha yona ditlhotlelong,ha ho ya tlhotlang moraraka mehoo ya thabo.Le hoja mehoo yonae ntse utlwahala,mehoo eo hase mehoo ya thabo.
34. “Baahi ba Heshebonele ba Elele ba a lla,sello sa bona se utlwahala Jahase,se utlwahala ho tloha Sowareho ya fihla Horonaime,se be se yo utlwahalale Egelate-Sheleshiya,hoba le metsi a Nimerimea se a pshele.
35. Ba etsetsang dinyehelodibakeng tsa borapedi,le ba tjhesetsangmedimo ya bona mokubetso,ke tla ba thibelaho etsa jwalo naheng ya Moabe,”ho rialo Morena.