14. “Le ka ipolela jwang,la re <Rona re bahlabani,rona re dinatlatsa dikwakwariri ntweng?>
15. Moabe e tla timetswametse ya yona e futuhelwe,tjhatjha ya yonae we thekong ya ntwa,”ho rialo Kgosibitso la yonake Morena wa mabotho.
16. “Ho wa ha Moabeho se ho le haufi,koduwa ya yonae tla fihla e potlakile.
17. Lona ba ahisaneng le Moabee lleleng,lona bohle ba tsebangbotumo ba yona,le re: <Lere la pusole la matla le robehile,molamu o tlotlehang o robehile!>
18. “Lona tjhaba se ahileng Dibone,theohang moo tlotleng ya lona,le dule fatshe, mobung o dipekane,hoba ya timetsang Moabeo tla le futuhela,a ripitle metse ya lonae haheleditswe.
19. Lona ba ahileng Arowere,emang kathoko ho tselale shebisise,le botse baphaphathehiba banna le ba basadi,le ba botse, le re:<Ho etsahetse dife?>