11. “Moabe e iketlileho tloha botjheng ba yona,e ka veine eo ditshifa tsa yonadi qitileng,e sa rokollelweng dinkgongka ho fapana,le bothopuwengMoabe ha e eso ka e iswa;kahoo boleng ba yonae ntse le ba pele,le monko wa yona ha wa fetoha.
12. Ka baka leo, bonang,matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla romellabarokolli ba dinkgo,mme bona ba tla e rokollela fatshe;dinkgo tsa yona ba tla di tsholla,mepotjwana ya bonayona ba e pshatlake.
13. Jwale Moabee tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe,jwalokaha Baiseraeledihlong di ile tsa ba hlaba,mehleng ya ha Bethelee ne le tshepo ya bona.
14. “Le ka ipolela jwang,la re <Rona re bahlabani,rona re dinatlatsa dikwakwariri ntweng?>
15. Moabe e tla timetswametse ya yona e futuhelwe,tjhatjha ya yonae we thekong ya ntwa,”ho rialo Kgosibitso la yonake Morena wa mabotho.
16. “Ho wa ha Moabeho se ho le haufi,koduwa ya yonae tla fihla e potlakile.
17. Lona ba ahisaneng le Moabee lleleng,lona bohle ba tsebangbotumo ba yona,le re: <Lere la pusole la matla le robehile,molamu o tlotlehang o robehile!>
18. “Lona tjhaba se ahileng Dibone,theohang moo tlotleng ya lona,le dule fatshe, mobung o dipekane,hoba ya timetsang Moabeo tla le futuhela,a ripitle metse ya lonae haheleditswe.
19. Lona ba ahileng Arowere,emang kathoko ho tselale shebisise,le botse baphaphathehiba banna le ba basadi,le ba botse, le re:<Ho etsahetse dife?>
20. Moabe e tlontlolotswehobane e tamukane!Bokollang, le be le howeletse haholo,le phatlalletse baahi ba Arenone,le phatlalatsehore Moabe e timeditswe.
21. Kahlolo e fihlile ka dihlabeng,e fihlile Holonele Jahase le Mefarata;