1. Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.
2. Morena o bua tjena:“Metsi ke ao,a phorosela ho tswa leboya,a tla ka sekgahlase kang sa sekgohola,a tla aparela nahale tsohle tse ho yona,a aparele metsele baahi ba yona bohle.Banna ba tla tshohaba hlabe mokgosi,baahi bohle ba nahabona ba bokolle,
3. ha ho utlwahalamodumo wa ditlhako,wa ditlhako tsa dipere tsa hae,ho utlwahala lekgarakgara,lekgarakgara la karikitsa hae tsa ntwa,ho utlwahala le modumowa mabidi a tsona,bo-ntata ha ba sa tla natsale bana ba bona,hobane matsoho a bonaa tla be a fokola.
4. Tsatsi le fihlile,tsatsi la ho timetsa Bafilesita,basireletsi ba Tire le Sidoneba tla fediswa,hobane Morenao tla timetsa Bafilesita,masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
5. Gasa e tla ba bofifing,e beole hlooho,Ashekelone yona e tla ripitlwa.Lona masalla a tjhaba sa Baanake,le tla itlhokofatsa,le lle ho fihlela neng?
6. Wena sabole ya Morena,o tla phomola neng?Boela selateng sa hao,o phomole,o ikgutsetse.
7. E ka kgutsa jwang,Morena a e neile taelo,taelo ya ho futuhela Ashekelone,ya ho futuhela nahatse bopong la lewatle?Ke hona moo Morenaa e laoletseng teng.”