6. “Ba nang le sekajamaoto a bona a a katleha,dinatla tsa bonaha di ka ke tsa phonyoha;bohle ba a kgothometseha,ba a polopoqana,ba wela ka leboyaho noka ya Euferatese.
7. “Ke mang eo ya tlangsa noka ya Nile e sabaletse,ya tlangsa noka tsa metsi a bilohang?
8. Ke Egepeta e tlangsa Nile e sabaletse,e tlangsa noka tsa metsi a bilohang.”Egepeta e re:“Ke tla saballa,ke aparele lefatshe,metse ke e timetsemmoho le baahi ba yona.”
9. Morena o re:Futuhang lona banna ba dipere!Kgannang ka sekgahlalona ba dikariki!Teolohang lona banna ba bahlabani,banna ba Kushe le ba Pute,matshwarathebe,banna ba Lode ba fulang ka diqha!
10. Lena ke tsatsi la Morena,Modimo wa mabotho,tsatsi la boiphetetso,ho dira tsa hae;sabole e tla bolayaho fihlela madi a kganathetse,e bolaye ho fihlela madi a e tahile.Morena Modimo wa mabotho,o tla etsa sehlabelo,a se etse nahenge ka leboya ho Euferatese.
11. “Nyolohela Gileadeo fumane moriana teng,wena morwetsana,moradi wa Egepeta;o sebedisitse tlhare tse ngataho se katleho,le ho phekolehaha wa ka wa phekoleha.
12. Tjhaba di utlwileho tlontloloha ha hao,fatshe lohle le tletseseboko sa hao,senatla se thulanele senatla se seng,bobedi ba tsonatsa wela fatshe mmoho.”
13. Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta: