Jeremia 46:24-28 BIBELE (SSO89SO)

24. Baegepeta ba tla tlontloloha,ho neelanwe ka bonaho batho ba tswang leboya.”

25. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.

26. Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena.

27. “Wena mohlanka wa ka Jakobo,o se ke wa tshaba,wena Iseraele, o se ke wa tsieleha,hoba ke tla o pholosao le naheng e hole,le ditloholo tsa haonaheng ya bothopuwa.Jakobo o tla kgutla,a be le kgotso le boiketlo,ho se be ya ka hlolanga mmakela tshabo.

28. Wena mohlanka wa ka Jakobo,o se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,”ho rialo Morena.“Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa,ditjhaba tseoke o leleketseng hara tsona,empa wena ha o ka kewa timella ruri;ke tla o ahlola, feela e le ka toka,nke ke ka o tlohelao sa ahlolwa ho hang.”

Jeremia 46