21. Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta,ba ka manamane a nontshitsweng;le bona ba tla phekgoha,ba balehe kaofela,ha ba ka ke ba tseba ho ema senna,hobane tsatsi la koduwale ba fihletse,ba fihletswe ke nako ya bona,nako ya ho ahlolwa.
22. Egepeta e tla hwasa,e hwase sa noha e baleha,e hwase ha sera se etla ka sekgahla;ba tla e futuhela ba tshwere dilepe,ba di tshweresa banna ba rema difate.
23. Moru wa Egepetaba tla o kgethula,”ho rialo Morena,“ba o kgethule leha o opane haholo,hobane ba feta le ditsie ka boiyane,palo ya bona hase e ka ba ya balwa.
24. Baegepeta ba tla tlontloloha,ho neelanwe ka bonaho batho ba tswang leboya.”
25. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.
26. Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena.